National Congress ya bone ya Equal Education
Dipotso Tse Botswang Kgafetsa (Sesotho)
Ha o na le dipotso mabapi le Congress ya rona, ka kopo batla tlhakisetso ho basebetsi ba EE ba porofenseng ya hao kapa romela dipotso tsa hao nomorong ya EE ya WhatsApp! (021 361 0127)
Ebe national Congress ya Equal Education (EE) ke eng?
National Congress e sebetsa jwalo ka nako ya bohlokwa ho EE. Ho etsahala tse latelang Congreseng:
- Dihlomathiso tsa molaotheo di a sekasekwa mme di kenywe tshebetsong;
- Diqeto tsa sepolotiki tsa EE le matsholo a bohlokwa a ka sehloohong a kenywa tshebetsong;
- Ditho di ithuta le ho phehihana ka ditaba tsa thuto le dipolotiki;
- Congress ke sebaka sa bohlokwa sa ho ithuta le ho tlohela (Ho ithuta kapa ho tlohela ke ho dumella sebaka sa ho ithuta ntle le kahlolo, maikemisetso a ho tlohella dithuto tse sa hlokahaleng bakeng sa kgolo); mme
- Congress ke moo baetapele ba rona ba batjha ba kgethwang teng ka mokgwa wa demokrasi. Baetapele bana ba kenyeletsa General Secretary, Deputy General Secretary le ditho tse ding tsa National Council ya EE.
Hobaneng ha national Congress ya bone ya 2022 e kgutliseditswe morao?
Sewa sa COVID-19 se entse hore ho rera national Congress ya rona ya bone ho be boima haholo.
Ho thibela dikopano le metsamao ha mmuso, mmoho le ho kwalwa ha dikolo le matsatsi a phomolo a malelele ke ona mabaka a nkileng karolo ho kgutlisetsweng morao ha Congress. Qalo ya leqhubu la boraro la COVID e bile ka nako e le nngwe le nako eo re neng re hlophisitse ho tshwara seboka sa porofense le deboka tsa pele ho Congress (pre-Congress seminars), mme hona ho setisitse ditlhophiso – kahoo NC e ile ya nka qeto ya ho kgutlisetsa Congress morao ho ya ho 2022.
National Congress ya bone e kgutliseditswe morao ho ya ho 2022 jwang?
Secretariat (e eletsa, e tshehetsa mme e laola maano le mawa a EE mahareng a dikopano tsa NC) e botswa ka Equal Education Law Centre (EELC), bakeng sa ho fumana thuso ya semolao ho utlwisisa ka botlalo hore Molaotheo wa EE o re Congress e tlameha ho ba neng, le diqeto tse NC e tshehetswang hore e di nke mabapi le nako ya ho tshwarwa ha Congress.
EELC e eleditse ka hore Molaotheo wa EE o hloka hore re tshware national Congress moo re kgethang baetapele bonyane dilemong tse ding le tse ding tse tharo. Hona ha ho bolele hore Congress e tlameha ho tshwarwa ka nako e tshwanang dilemo tse ding le tse ding tse tharo, empa e tlameha ho tshwarwa bonyane dilemo tse ding le tse ding tse tharo ebile ntle le qeaqeo pele ho letsatsi la sehopotso sa selemo sa bone la Congress e fetileng (Congress ya boraro e ne tshwerwe ka Phupu 2018).
Qeto ya ho kgutlisetsa Congress morao e ile ya ananelwa ke NC, mme letsatsi la national Congress ya bone le hlophisitswe ho ba Mmesa 2022.
Mmila o lebisang ho Congress
Bakeng sa ho lokisetsa Congress, EE e tshwara “mmila o lebisang ho Congress” e lokisetsang national Congress e monate. Jwalo ka ha ho hlalositswe ka botebo ka mora mona, mmola o lebisang Congreseng o tebisa demokrasi ya rona ya ka hare; e fana ka sebaka bakeng sa ditshwaelo tsa ditho tsa EE ka…, mme e hlahisa baromuwa ba kgethilweng ka mokgwa wa demokrasi bakeng sa ho ya Congreseng mme ba hlophisitsweng ka botlalo bakeng sa ho nka karolo ho national Congress.
Mohato wa bohlokwa mmileng o lebisang ho Congress ke diboka tsa diporofense tse tshwarwang diporofenseng tsohle tse hlano moo re leng teng. Mona, makgolokgolo a ditho tsa EE a kgobokana ho tla sekaseka ditokiso tse kopilweng tsa molaotheo, diqeto tsa nakwana tse hlahang dipuisanong tsa makala le ho kgetha baromuwa ba yang ho national Congress.
Mohato o mong wa bohlokwa nakong e lebisang ho Congress ke pre-Congress seminars. Pre-Congress seminars (PCS) ke diboka tsa baromuwa ho Congress tse etseditsweng ho lokisa baromuwa ba kgethilweng bakeng sa Congress. Nakong e ka bang beke ho isa ho tse pedi pele ho national Congress, porofense ka nngwe e tshwara pre-Congress seminar bakeng sa baromuwa ba kgethilweng ba porofense fela, mme yona e stsetswa:
- Ditlhophiso tsa ho qetela bakeng sa baromuwa ba Congress porofenseng ka nngwe. Dikahare di tsepamisitse maikutlo ho:
- Sebopeho sa tsamaiso ya puso ya EE le demokrasi, mosebetsi wa NC le ditho tsa yona.
- Ditokomane tsa dipuisano tse hlahisitsweng ke Dikomishene.
- Ho sekaseka le ho ntlafatsa ditokiso tse kopilweng tsa Molaotheo le diqeto tse hlahang dikopanong tsa makala le dibokeng tsa diporofense.
- Ho kgethwa ha baromuwa ba batlang ho iketela ditulo tsa NC.
Ebe dinako tse fapaneng tsa ditlhophiso tsa Mmila o lebisang ho national Congress ya bone ke dife?
Ph – Tlhk 2022 – Dihlopha tsa batjha di itokisetsa national Congress
19 Tlhakubele 2022 – diboka tsa Diporofense
Diboka tsa diporofense ke dikopano tse kgolo tsa letsatsi leleleng tse tshwarwang diporofenseng bakeng sa ho kgetha baromuwa ba bona ba yang ho national Congress.
9 Mmesa 2022 – Pre-Congress seminars(Diboka tsa pele ho Congress)
Pre-Congress seminar ke kopano ya baromuwa ba kgethilweng ho ya Congreseng bakeng sa ho qetella dikgetho tsa NC e ntjha le diqeto tse sisintsweng tsa Congress.
29 Mmesa – 2 Motsheanong – National Congress ya Equal Education ya bone
National Congress ya bone e tlo tshwarelwa kae?
National Congress ya bone e tlo tshwarelwa Kapa Bophirima (Western Cape)
Ke mang a yang Congreseng?
National Congress ya bone e tlo ba Congress e nyane ho feta tse EE e kileng ya di tshwara nakong e fetileng. Hona ke ka lebaka la ho ikamahanya le dipehelo tsa kgobokano ya batho tsa COVID-19.
Palo ya baromuwa ba tswang porofenseng ka nngwe e tla itshetleha ho sephetho sa 2021 sa oditi ya botho.
Diporofense di tla kgetha baromuwa ba tsona ba yang Congreseng dibokeng tsa porofense. Ho kenyeletsa le ba ikemiseditseng ho iketela dikgetho tsa national Congress.
Basebeletsi ba ka sehloohong ba naha le bahlahlobi ba hlahang ka ntle le bona ba tla ba teng Congreseng.
Ho etsahala eng Congreseng?
Congress e kenyeleditse ditsmaiso tse latelang tse ka sehloohong:
- Ditlaleho hotswa ho ketapele ya hajwale
Modulasetulo (hloho ya NC) o fana ka tlaleho ya kamoo NC e etelletseng leano le diqeto tsa bohlokwa tse ba di nkileng. General Secretary kapa Deputy General Secretary (badulasetulo ba EE ba mosebetsi wa letsatsi le letsatsi) ba fana ka ditlaleho tsa dikantoro tsa EE, matsholo, le kgatelopele e seng e entswe. Treasurer (o ikarabella ka ho etsa bonnete ba hore tjhelete ya EE e sebediswa hantle) o fana ka tlaleho ya hore EE e sebedisitse tjhelete ya yona jwang mme ho entsweng ho etsa bonnete ba hore EE e dula e na le tjhelete ya ho dula e ntse e sebetsa le nakong e tlang.
- The Charter for an Equal Education e tla kgakolwa ho national Congress ya bone.
- Dikomishene
Dikarolo tsa national Congress di tla kenyeletsa dihlooho tse kgethilweng pele ho Congress.
- Diqeto
Ho tla nkwa diqeto tse tla laola mosebetsi oo EE e tla tsepamisa maikutlo ho ona sehleng se latelang.
- Ntlafatso ya Molaotheo
Ha eba ho ka hlokahala hore Molaotheo wa EE o ntlafatswe, hona ho tla qetwa le ho tjhaelwa monwana ho national Congress.
- Dikgetho tsa National Council e ntjha
Bakgethwa ba hlwauweng ba tla tla ho Congress mme ba be le monyetla wa ho ipuella hore ba kgethwe. Barumuwa ho national Congress ba tla kgetha NC e ntjha mme ba kgethilweng ba tla phatlalatswa qetellong ya Congress.
Ditulo tsa National Council tse tla tlatswa dikgethong tsa National Council ke dife?
Ho na le ditulo tse 6 tsa bohlokwa tsa NC tse tla tlatswa ho Congress:
- Modulasetulo wa NC (eo e seng setho se sebeletsang EE)
- Batlatsa Modulasetulo ba babedi (Motlatsa Modulasetulo a le mong o tlameha hore e be e le motjha a qetileng sekolong a dilemo tse sa feteng 25, mme e mong o tlameha hore e be e le ngwana wa sekolo a seng monyane ho feta dilemo tse 14 kapa a tlo e tshwara selemong seo a qalang ho ba Modulasetulo)
- General Secretary (Setulo sa nako yohle)
- Deputy General Secretary (Setulo sa nako yohe)
- Treasurer
Ditho tse ntjha tsa tlatsetso tsa National Council di ka kgethwa ho Congress kapa ka mekgwa e meng. Tsona ke:
- Moemedi a le mong hotswa porofenseng ka nngwe
- Ditho tse sa feteng tse pedi tseo e leng batswadi
- Balekanyi (Equalisers) ba sa feteng hlano
- Batjha ba qetileng sekolo ba sa feteng hlano
- Ditho tsa tlatsetso tse sa feteng hlano
Ka kakaretso NC e tlameha ho ba le bonyane ditho tse robedi, empa tse sa feteng 28.
Dikomishene ke eng?
- NC ya EE e laola dihlopha tsa ditho tsa EE, tse kgethilweng makaleng bakeng sa ho etsa dikomiti tse kgethehileng. Mosebetsi wa komiti ke ho batlisisa, ho sekaseka le ho kgothaletsa tokomane ya dipuisano e kenyeleditseng ditaba tse tla tshohlwa sebokeng sa EE sa porofense mme e tla boela e sebediswe jwalo ka tataiso ha ho sekasekwa diqeto tsa rona tse ntjha tsa Congress.
- Ditho tse hlokwang ho komiti ka nngwe ke: Ditho tse pedi tsa NC (a le mong e be modulasetulo wa komiti), Balekanyi ba babedi/ditho tsa ketapele ya komiti, Motsamaisi a le mong, motwadi a le mong le setho se le seng sa kgale (ra/mmadipatlisiso wa EE)
- Ho tlamehile ho be le ditho tse supa komiting ya komishene kanngwe.
Dihloho tsa komishene ke dife?
- Dihlooho tsa dipuisano tsa komishene di hlwauwa ke ditho tsa EE jwalo ka ha e le dihlooho tse lokelang ho sekasekwa ho Congress. Mohlala, ho ba Ngatananngwe ha Selehae le Lefatshe ka bophara e ne e le sehloho sa komishene ho National Congress ya boraro.
Ho tla etsahalang ha eba re sa kgone ho tshwara Congress ka namana ka 2022?
Sewa sa Covid-19 ha se tsejwe mme ho keke ha leptjwa hore se tla re ama jwang nakong e tlang.
Re tshepa hore ha setjhaba se qeta ho entwa, maqhubu a tlang a ditshwaetso a tla ba makgutshwane mme a se be le sekgahla se hodimo, mme ho hlokahale dipehelo tsa kgobokano ya setjhaba tse mmalwa.
O ka fumana Molaotheo wa EE mona kapa ho websaete ya rona.